MOYA WA HAO HA O TSWELE PELE HO LWANELA NNETE

Mme wa Katlego Bereng, Monica Matsie, o itse moya wa mora hae o tswelepele ho lwanela nnete ya hore na o hlokahetse jwang, le hore bohle ba molato ba tlameha ho senolwa.

Matsie o buile mantsoe ana ka voice note e bapaditsweng tshebeletsong ya lepato la mora wa hae mane Leslie Monnanyane Hall Bloemfontein ka.Sontaha.

O ile a re o qetile selemo a ntse a mo batla mme a mo fumana a se a sa phele.

“Ke batla hore moya wa hao o hlophe ba o bolaileng, moya wa hao o ke o lwele toka jwaloka ha e se e qadile, lefu la hao ha le bolele letho haese bohloko bo ka pelong ya ka,” ho rialo mme ka lentswe la seriti nakong ya tlotla mora hae.

Batshehetsi ba Bloemfontein Celtic, ba kopane le batshehetsi ba Kazer Chiefs, boholo ba bona ba tswang Tembisa moo ntate wa Katlheho a dulang teng, ba ile ba fana ka sethabathaba sa ho qetela nakong ea tshebeletso.

Pule Mabena, modulasetulo wa naha wa batshehetsi ba Bloemfontein Celtic o re ba lahlehetsoe ke setho se mafolofolo se neng se dula se tla ka mohopolo le ho qapa dpina.

“Ba obolaileng ba o chesa ba ne ba nahana hore ba tla phonyoha polaong empa mollo oo o ba fetohetse ’me re batla hore lelakabe leo le ba chese, ke utlwile bohloko ke hore re lahlehetsoe ke lesole e seng setho feela.

Re tla piketa kantle ho lekhotla ha babelaellwa bohle ba nyewe ena ba hlaha ka pele ho lekhotla, ha re batle hore babelaellwa ba lokollwe ka beile, Dr Nandipha Magudumana o tlohile ka hara  naha ho sa tsebe mang kapa mang kahoo ha a tlo fuwa beile hoba e kaba monyetla  wa hore  a baleha hape,” Mabena a rialo.

A re Katlego o hlahile ka la 18 Motsheanong 1991, setopo sa hae sa fumanoa se chele teronkong ka May 2022 ’me a patoa ka May 2023.

Modulasetilo wa mokgatlho wa Community Anti-Crime, Zamile Stuurman, a re Katlego ke mongwe wa maloko a bone yo le ene a neng a lwantsha borukutlhi mo kgaolong ya bone ya Ippeng.

“E ne e le mohlankana ya mahlahahlaha a bile a tletse mahlahahlaha a hloileng botlokotsebe bophelong ba hae, leha a se a lahlehetswe ke mosebetsi mme a hloka mosebetsi o ile a tswela pele ho hloya botlokotsebe mme re ne re tlwaetse ho paterola le yena,” ho boletse Stuurman.

Sebueledi sa lelapa, Poppie Bereng, o re ho thwe Katlego o ile a tswa ho ya nwa le metswalle kae-kae mme ha qhoma qabang moo a ileng a lemala teng.

“Ka mora moo o ile a iswa sepetlele seo nke keng ka bua ka sona hajoale ’me hore na o hlokahetse joang ho na le potso e ’ngoe.

Re ile ra makala hape ha lelapa kamora hore National Prosecuting Authority (NPA) e hlakole qoso ea polao khahlanong le baqosuoa bohle, hobaneng ke potso e ‘ngoe ho rona re le lelapa, ho na le lipotso tse ngata tseo re ipotsang tsona, leha ho le joalo, Katlego phomola ka khotso. ,” ha rialo Poppy.

Setopo sa Katlego se ile sa sebelisoa e le leqheka la ho tšoasa motho ea betang le ’molai Thabo Bester a baleha Chankaneng ea Mangaung selemong se fetileng ka Motšeanong ’me o ile a tsejoa ka DNA ka Hlakubele selemong sena.

Ho tloha ka nako eo batho ba robeli ba kenyeletsang Bester, moratuoa oa hae Dr Nandipha Magudumana, Senohe Matsoara, Teboho Lipholo, Motenyani Masukela, Tieho Makhotsa le Nastassja Jansen.

Ntate oa Magudumana Zolile Sekeleni o ile a fana ka beile ea R10 0000 ka la 17 Mmesa mme o tla hlaha hape ka la 16 Motšeanong hammoho le Bester ea hanneng ho etsa kopo ea beile mme a ntse a le litlamong, ka bobeli ba tla hlaha Lekhotleng la Maseterata la Bloemfontein.

Magudumana, Matsoara, Lipholo, Masukela, Makhotsa mmoho le Jansen ba tla hlaha ka pela Lekhotla la Maseterata la Bloemfontein ka Labone le Labohlano la la 11 le la 12 Motšeanong.

Lumella moea oa hau hore o tsoele pele ho loanela ‘nete

‘M’e Katlego Bereng, Monica Matsie, o itse moea oa mora oa hae o tsoelepele ho loanela ‘nete ea hore na o hlokahetse joang, le hore bohle ba molato ba tlameha ho senoloa.

Matsie o buile mantsoe ana ka voice note e bapalitsoeng tšebeletsong ea lepato la mora oa hae Leslie Monnanyane Hall Bloemfontein maobane (Sontaha).

O ile a re e se e le selemo a ntse a mo batla ’me a mo fumana a shoele.

“Ke batla hore moya wa hao o tshwenye ba o bolaileng, moya wa hao o ke o lwele toka jwaloka ha e se e qadile, lefu la hao ha le bolele letho haese bohloko bo ka pelong ya ka,” ho rialo mme ka lentswe la seriti nakong ya tlotla.

Batšehetsi ba Bloemfontein Celtic, ba kopane le batšehetsi ba Kazer Chiefs, boholo ba bona ba tsoang Tembisa moo ntate oa Katlheho a lulang teng, ba ile ba fana ka sethabathaba sa ho qetela nakong ea tšebeletso.

Pule Mabena, molulasetulo oa naha ea batšehetsi ba Bloemfontein Celtic o re ba lahlehetsoe ke setho se mafolofolo se neng se lula se tla ka mohopolo le ho qapa lipina.

“Ba u bolaileng ba u chesa ba ne ba nahana hore ba tla phonyoha polaong empa mollo oo o ba fetohetse ’me re batla hore lelakabe leo le ba chese, ke utloile bohloko ke hore re lahlehetsoe ke lesole e seng setho feela.

Re tla pikitla kantle ho lekhotla ha babelaelloa bohle ba nyeoe ena ba hlaha ka pele ho lekhotla, ha re batle hore babelaelloa ba lokolloe ka beile, Dr Nandipha Magudumana o tlohile ka har’a naha ho sa tsebe mang kapa mang kahoo ha a tlo fuoa beile joale ke be le monyetla wa ho baleha hape,” Mabena a rialo.

A re Katlego o hlahile ka la 18 Motšeanong 1991, setopo sa hae sa fumanoa se chele teronkong ka May 2022 ’me a patoa ka May 2023.

Modulasetilo wa mokgatlho wa Community Anti-Crime, Zamile Stuurman, a re Katlego ke mongwe wa maloko a bone yo le ene a neng a lwantsha borukutlhi mo kgaolong ya bone ya Ippeng.

“E ne e le mohlankana ya mahlahahlaha a bile a tletse mahlahahlaha a hloileng botlokotsebe bophelong ba hae, leha a se a lahlehetswe ke mosebetsi mme a hloka mosebetsi o ile a tswela pele ho hloya botlokotsebe mme re ne re tlwaetse ho paterola le yena,” ho boletse Stuurman.

Sebueledi sa lelapa, Poppie Bereng, o re ho thwe Katlego o ile a tswa ho ya nwa le metswalle kae-kae mme ha qhoma qabang moo a ileng a lemala teng.

“Ka mora moo o ile a isoa sepetlele seo nke keng ka bua ka sona hajwale mme hore na o hlokahetse joang ho na le potso e ’ngoe.

Re ile ra makala hape ha lelapa kamora hore National Prosecuting Authority (NPA) e hlakole qoso ea polao khahlanong le baqosuoa bohle, hobaneng ke potso e ‘ngoe ho rona re le lelapa, ho na le lipotso tse ngata tseo re ipotsang tsona, leha ho le joalo, Katlego phomola ka khotso. ,” ha rialo Poppy.

Setopo sa Katlego se ile sa sebelisoa e le leqheka la ho tšoasa motho ea betang le ’molai Thabo Bester a baleha Chankaneng ea Mangaung selemong se fetileng ka Motsheanong mme o ile a tsejwa ka DNA ka Hlakubele Monongahela.

Ho tloha ka nako eo batho ba robedi ba kenyeletsang Bester, moratuoa oa hae Dr Nandipha Magudumana, Senohe Matsoara, Teboho Lipholo, Motenyani Masukela, Tieho Makhotsa le Nastassja Jansen.

Ntate oa Magudumana Zolile Sekeleni o ile a fana ka beile ea R10 0000 ka la 17 Mmesa mme o tla hlaha hape ka la 16 Motsheanong hammoho le Bester ya hanneng ho etsa kopo ya beile mme a ntse a le ditlamong, ka bobeli ba tla hlaha Lekhotleng la Maseterata la Bloemfontein.

Magudumana, Matsoara, Lipholo, Masukela, Makhotsa mmoho le Jansen ba tla hlaha ka pela Lekhotla la Maseterata la Bloemfontein ka Labone le Labohlano la la 11 le la 12 Motsheanong

Leave a comment