Pro-Mates Football Club ho tswa Botshabelo dikilometara tse seng kae feela ho tloha Bloemfontein e hapile liki ya Setereke ya Mangaung ka mora ho hlola Morojaneng United ho tswa Dewetsdorp 4-1 nakong ya makgaola-kgang a bona a papapading e neng e bapalla Clive Solomon Stadium ka Moqebelo wa la 22 Mmesa.
Hore dihlopha tsena tse pedi di kene makgaolakgang, ho ile ha ba le di karolo tse pedi tsa liki, Pro-Mates e ile ya haha liking ya bona ha Morojaneng le yona e ile ya haha ka moo e neng e bapalla teng.
Pro-Mates e ile ea qala papadi ka lebelo le holimo haholo ya ba hlaba dintlha tse pedi ha Morojaneng yona e ile ea hlaba ntlha e le nngwe mme ya lahlehelwa ke menyetla e mengata ya ho lekanya dintlha pel3 karolo ya pele ya papadi e fela.
Karolong ya bobedi ya papadi, Pro-Mates e ne e kapile malakabe ho hlasela Morojaneng hotswa ka mahlakoreng ohle mme ba ba ba hlaba dintlha tse ding hape tse pedi hore ba hlole papadi ka ntlha tse nne kaofela.
Morojaneng e lekile ka hohle ho hlasela empa Pro-Mates e ne e le matla haholo leboteng le ka morao.
Sephetho sa papadi: Pro-Mates 4-1 Morojaneng United.
Ka ho hlola papadi, Pro-Mates e tla be e emetse Mangaung dipapading tsa di-playoffs tsa profinse moo dihlopha tse pedi tse itlhomphang bakeng sa makgaola-kgang di tlang ho phahamisetswa ho ABC Motsepe League.
Mokwetlisi wa Pro-Mates Mabote Phejane eo hape e leng mokwetlisi wa sehla o itse qetellong tje mosebetsi o boima wa lefa.
A re ba thabetse ho iphumana ba ya di-playoffs mme sepheo le morero wa bona ke ho ipona ba bapala liki ya ABC Motsepe sehleng se tlang.