Safa Mangaung e ile ya tswara dikgau tsa dipapadi 

Safa Mangaung e ile ea tshwara mokete wa likhau tsa libapali tsa sehla 2022/2023 holong ya Mahube Tumelo Hamilton Industrial Bloemfontein bekeng e fetileng ka Moqebelo.

Tautona (President) wa Safa Mangaung Lucas Matobako a re ba abela barshamiki ba ba dirileng sentle mo setlheng se se fetileng go rotloetsa ba bangwe go tswelela le bone ba dira ka natla.

A re Mangaung e tletse talente ea bolo mme ho bile thata ho baahloli ho khetha libapali tse tla amohela likhau.

“Re na le litalenta tse ngata libakeng tsa rona mme seo ke motlotlo ka sona ke hore re hlahisitse libapali tse ngata tse hloahloa nakong e fetileng mme re ntse re tsoela pele ho hlahisa tse ding.

Sehla sa 2022/20223 se tsamaile hantle dihlopheng tsohle tsa rona mme re tla tswelapele ho sebetsa ka thata ho netefatsa hore talenta ya ngoana wa  moAfrika e ya maemong a holimo,” ho boletse Matobako.

Dikhau di khahliloe ke bahlomphehi ba bangata ho kenyelletsa monga sehlopha sa Bloemfontein Young Tigers Khoarai Khoarai ya boleletseng dibapadi hore bolo ya maoto e tsamaya hammoho le thuto.

“Etsa hore thuto le bolo ya maoto e be ntho e le nngwe feela, o se ke wa shebana le bolo ya maoto feela empa o tobane le thuto hobane ha mosebetsi wa hao o fela o tlameha ho tseba hore o khona ho iphedisa ka ho sebetsa tshimong ya hao kapa kae kapa kae,” ho boletse Khoarai.

O entse mohlala ka dibapadi tse kopantseng thuto le bolo ya maoto ho kenyeletsa le sebapaldi sa mehleng sa Kaizer Chiefs Lehlohonolo Majoro eo le eena a kileng a bapalla Young Tigers.

E mong oa dibapali tse fumaneng Sebapadi se Khabang ka ho Phahama Khanya Selelane ho tswa Mangaung City, o itse khau ena ke khothatso e ntle ho eena mme o tla tswela pele ho sebetsa ka thata.

A re o lebeletse sehla se tlang moo a batlang ho fumana khau enngwe hape.

Baamoheli ba bang ba ileng hae le dikhau ke:

The Best goalkeeper of the season: Thankiso Senthebane (Pro-Mates), Best Defender of the season: Andale Nxokani (United Belgium), Best Midfielder of the Season: Malefane Mathoka (Morojaneng United), Best Striker of the Season: Moseneke Khara ( Junior Birds), Sebapali se Solofetsang sa Sehla: Khanya Selelane (Mangaung City), Sebapali sa Sehla: Thabo Johnie (Pro-Mates) le Mabote Phejane (Pro-Mates) le Mookameli oa tlhōlisano: Laveine Vries (Ocean XV) .

Leave a comment