Videos

Bahai ba Phase 9 ba hlonolofatswa ka dimpho

Bahai ba Phase 9 kantlenyana ho Blomefontein ba hlohonolofaditswe ka dimpho le dijo ho tswa ho mokgatlo wa Motheo Faith Based Organisation (MFBO) ka kopanelo le Shoprite mmoho le Sasko ka Labone la Tshitwe 15 (December 15).

Modulasetulo wa MFBO e leng moAchbishop Peter Jingoes, o boletse hore ba ne ba etsa tsoho la monna ke mokolla ka ho thusa ba ahi ba kojwana di mahetleng.

Setjhaba se ile sa thuswa ka diaparo le dijo tseo di ne di tlile le Shoprite mme e ile ya e ba thabo e kgolo haholo fela letsatsing leno.

Phase 9 ke enngwe ya dibaka tse futsanehileng haholo le tlhoko ya mesebetsi e hodimo haholo ka hare ho motse wa Mangaung.

MoAchbishop Jingoes o hlalositse hore mokgatlo wa bona o sebetsa haholo ka diphephetso tse ka hare ho metse tse kang ho ima ha bananyana ba ntseng ba le tlase dilemong (teenage pregnancies), tlhekefetso ya tahi le dithethefatsi (alcohol and drug abuse), ho sekaseka dikamano tsa ntate le ngwana (Father and child dialogue), ho sekaseka dikamano tsa mme le moradi (Mother and daughter dialogue), bophelo bo botle ho kenyelleditse HIV/Aids, ho lwantshana le maqulwana le dikebekwa (crime and gangerism) le a mang a mathata.

“Ho sebetsa ka dintho tsena ha ho bolele hore mokgahlo o na le bokgoni, re ntse re hula ka tlhako tsa morao mme re etsa boipiletso ho bo rakgwebo le bo mmakgwebo mmoho le setjhaba ka kakaretso ho re thusa re tle re tsebe ho tswelapele re lwantshe bofuma le pharela tse ka hare ho metse ya rona,” ho boletse Archbishop Jingoes.

Emong wa ba ahi e leng Maria Modibedi, o boletse ka mokgwa o ba thabileng ka teng ho fumantshwa diaparo le dijo.

“E ne e le mokete wa thabo kannete hobane bana ba rona ba tlo apara ka keresemese,” o boletse jwalo Modibedi.

Thato Moseng yena o hlalositse hore o ne a sena diphahlo mme jwale o na le tsona.

O re diteboho o di lebisitse ho bohle bao ba batsotellang hore le bona ke batho ba hloka ho fuwa serithi, mme ka hona Modimo o ba hlohonolofatse.

Archbishop Jingoes o qetelletse ka hore mang kapa mang ya ka thusetsang a ka mo letsetsa ho 082 9578 379.